32. Ha ho na moetiya kila lala thoteng,menyako ya lapa la kae buletswe batsamai.
33. “Haeba nkile ka pata sebe sa kajwaloka Adama,ka ho boloka makgopo a kaka fubeng sa ka,
34. ka baka la ho tshabamatshwele a batho,le ho tshaba ho nyediswake bang ka nna,ke ne ke tla kgutsa,ebe ke tswela kantle.
35. “Ekaba ke mang ya tla mmamela!Bonang, mongolo wa ka ke ona!Ya Matla wohle a ke a nkarabe,moqosi wa kaa ngolle nna moqosuwa qoso!
36. Ruri ke ne ke tla e jarahetleng la ka,ke e rwalesa mofapahlooho o rwalwa.
37. Ke ne ke tla mmallamehato ya ka kanngwe,ke atamele ho yenake tsamaya seka kgosana.
38. “Haeba masimo a ka a a nqosa,eba foro tsa wona di tletse dikgapha;
39. haeba tholwana tsa wonake di jele lehahla,kapa monga tsona ka mmolaya,
40. bakeng sa koroho ke ho mele meutlwa,bakeng sa hareseho ke ho mele lehola!”Polelo tsa Jobo di fella mona.