Jobo 31:30-40 BIBELE (SSO89SO)

30. Ka molomo wa kaha ke eso bue bokgopo,ka ho lakaletsabophelo ba sona thohako.

31. Na ba lapa la ka ba kile ba re:<Ke mang ya sa kang a ja,a kgotsofala?>

32. Ha ho na moetiya kila lala thoteng,menyako ya lapa la kae buletswe batsamai.

33. “Haeba nkile ka pata sebe sa kajwaloka Adama,ka ho boloka makgopo a kaka fubeng sa ka,

34. ka baka la ho tshabamatshwele a batho,le ho tshaba ho nyediswake bang ka nna,ke ne ke tla kgutsa,ebe ke tswela kantle.

35. “Ekaba ke mang ya tla mmamela!Bonang, mongolo wa ka ke ona!Ya Matla wohle a ke a nkarabe,moqosi wa kaa ngolle nna moqosuwa qoso!

36. Ruri ke ne ke tla e jarahetleng la ka,ke e rwalesa mofapahlooho o rwalwa.

37. Ke ne ke tla mmallamehato ya ka kanngwe,ke atamele ho yenake tsamaya seka kgosana.

38. “Haeba masimo a ka a a nqosa,eba foro tsa wona di tletse dikgapha;

39. haeba tholwana tsa wonake di jele lehahla,kapa monga tsona ka mmolaya,

40. bakeng sa koroho ke ho mele meutlwa,bakeng sa hareseho ke ho mele lehola!”Polelo tsa Jobo di fella mona.

Jobo 31