Jobo 31:1-14 BIBELE (SSO89SO)

1. “Ke entse tumellanole mahlo a ka,hore ha a ka kea tjhatjhehela kgarebe.

2. “Kabelo e tswang ho Modimoke efe?Lefa le tswang ho Ya Matla wohleke lefe?

3. Na hase timelo ho baetsadibe,le koduwa ho ba etsang bokgopo?

4. Modimo tsela tsa ka o a di bona,le mehato ya ka yohle o a e bala.

5. “Haeba ke sebeditse ka bolotsana,eba oto la kale mpotlakiseditse ho ya thetsa;

6. a nke ke bewe sekaleng sa toka,Modimo a tle a tsebeha ke na molato.

7. Haeba mehato ya kae kgelohile tseleng,eba pelo ya kae hohetswe ke mahlo a ka,eba manothokoa nkgomaretse matsohong;

8. seo ke se jetsengse ke se jewe ke e mong,dijalo tsa ka, ka metso,di ke di motsulwe.

9. “Haeba pelo ya kae hohetswe ke mosadi,eba nkile ka lalla monyakongwa mohaeso,

10. mosadi wa ka a silele monna e mong,ba bang ba kopanele dikobo le yena.

11. Hona e ka ba ketsoe hlabisang dihlong,ya eba sebese lokelwang ke ho ahlolwa.

12. Ke mollo o tjhesangho isa timelong,o tla fedisa maruo a ka kaofela.

13. “Haeba mohlanka wa kale lekgabunyane la ka,ke ba hloketse tokaha ba tsekisana le nna,

14. ke tla etsangha Modimo a sa ntobile?Ke tla rengha ke araba potso tsa hae?

Jobo 31