Jobo 30:6-15 BIBELE (SSO89SO)

6. Ba phela ka mangopeng a dikgohola,ka madumeleng le kahara mafika;

7. ba bokolla ba le kahara dihlahla,ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.

8. Ke bana ba mawatla,bo-mohloka-lebitso,ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.

9. “Jwale ke bona ba ntlakang ka pina,ke se ke fetohile sesomo ho bona.

10. Ba se ba nnyonyaba bile ba nkwekwetla,fahleho sa kaba se tshwela ka mathe.

11. Kahoba Modimo a mphokodisitse,a ntshotlile,ha ba sa itshwaraleha ba le pela ka.

12. Ka ho le letonaba mphutuhela ka sekgakgatha,ha ke baleha ba mpea merebele,ba haha meteroho nketsetsa thibella.

13. Ba tjhekile mamena tseleng ya ka,ba atlehiswa ke tshenyeho ya ka,ba re: <Ha a na mothusi!>

14. Ba kena jwalokaha eka rako le wele,ba subuhlellana hara masupi!

15. Matshabeho wohlea nkwetse hodimo,a ntlositse seritika ho panya ha ntshi,maruo a ka a fedile sa mouwane.

Jobo 30