Jobo 30:18-30 BIBELE (SSO89SO)

18. Matla a bohloko ba kaa senya aparo tsa ka,a nkgama jwaloka molalawa hempe ya ka.

19. Modimo o nkakgetse kahara seretse,ke se ke tshwana le lerolele wona molora.

20. “Ke ipiletsa ho wena, Modimo,empa ha o nkarabe;ke ema kapela hao,empa o ntadima feela!

21. O mphuthuhela o se na mohau,tsoho la hao le matlale a ntwantsha.

22. O mphahamisetsa hodimo, moyeng,ka sefefoo nkakgoletse kwana le kwana.

23. Ke a tseba hobao tla nkisa lefung,tlung e kgethetsweng bohle,bohle ba phelang.

24. “Ha ke re ya shwango otlolla letsoho la hae,ha a llela thuso tlokotsing ya hae?

25. Na ha ke a ka ka llelaba ditsietsing?Moya wa ka ha o a utlwelaba maswabing bohloko?

26. Ha ke ne ke lebeletse molemo,ka tlelwa ke bobe;ha ke ne ke lebeletse lesedi,ka tlelwa ke lefifi.

27. Mala a ka a a qhuqhuma,a hloka phomolo,matsatsi a ditlokotsia tobane le nna.

28. Ke tsamaya ke nyahame pelo,ho se na lesedi;ke ema hara mokgopiho ikopela thuso.

29. Ke se ke fetohilengwanabo phokojwe,ke molekane wa madinyane a mpshe.

30. Tlalo la ka le letshoke ho kgakgapheha,masapo a ka a a tjhesake ho opelwa.

Jobo 30