1. “Ba banyenyane ho nnajwale ba a ntshoma,bao bo-ntata bonake neng ke ba nyedisa,ke neng nke ke ka ba disisamohlape le ntja tsa ka.
2. Matla a bonaa na sa nthuse ka letho,kaha bokwakwariribo ne bo ba feletse.
3. Ke mekojwane ya bofumale sekoboto,ba phela ka ho ja metsuntsunyane,bosiu ba lelera mahalaopeng.
4. Ba kga bodiladilane hara dihlahla,metso ya tshinabele ke dijo tsa bona.
5. Ba lelekwa hara batho ba bang,ba kueletswejwalokaha eka ke mashodu.
6. Ba phela ka mangopeng a dikgohola,ka madumeleng le kahara mafika;
7. ba bokolla ba le kahara dihlahla,ba sunyame mmoho katlasa bobatsi.
8. Ke bana ba mawatla,bo-mohloka-lebitso,ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.
9. “Jwale ke bona ba ntlakang ka pina,ke se ke fetohile sesomo ho bona.
10. Ba se ba nnyonyaba bile ba nkwekwetla,fahleho sa kaba se tshwela ka mathe.
11. Kahoba Modimo a mphokodisitse,a ntshotlile,ha ba sa itshwaraleha ba le pela ka.
12. Ka ho le letonaba mphutuhela ka sekgakgatha,ha ke baleha ba mpea merebele,ba haha meteroho nketsetsa thibella.