Jobo 3:8-25 BIBELE (SSO89SO)

8. Barohaki ba matsatsiba ke ba bo rohake,bona ba tsebangle ho tshwenya kganyapa.

9. Naledi di se ke tsa phatsima,bo batle lesedi, bo se le fumane,bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba,

10. hobane ha bo a kaba kwala mme popelo,ha bo a kaba nthibela ho bona maswabi.”

11. “Ke hobanengke sa shwelang popelong?Ke hobanengke sa shwang ha ke tswalwa?

12. Ke hobaneng nkileng ka sikwa?Ke hobaneng ke antseng matswele?

13. Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse,ke ithobaletse,ke phomotse ka kgotso,

14. ke phomotse le dikgosile matona a kwano,bao mehaho ya bona e leng mabitla,

15. le mahosana a kgabang ka kgauta,ao matlo a wona a tletseng silefera;

16. ke epetswe jwaloka sefolotsana,jwaloka lesea le eso bone lesedi.

17. Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa,ba kgaotsa ho ferekanya,ba kgathetseng,teng ba fumana phomolo.

18. Ba thopilwengle bona ba phela ka kgotsoha ba sa utlwamokataki a kgarumaka.

19. Ba hlomphehang le ba eisehangba a lekana,kgoba le holotswekgobeng ba monga lona.”

20. “Ba ditlokotsingba bontshetswang lesedi?Ba tubehileng moyengba neelwang bophelo?

21. Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele,ba le batlale ho feta letlotlo, patuwe.

22. Ba thaba ka thabo e fetisisang,ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.

23. Ya fihlametsweng ke tselao tswaletsweng,athe Modimoo mo raletse mathibela?

24. Bakeng sa ho jake tlelwa ke mefehelo,medumaelo ya kae phutsalle sa diphororo!

25. Seo ke se tshabangse nkwetse hodimo,seo ke se tshohilengjwale se mphihletse.

Jobo 3