Jobo 3:4-19 BIBELE (SSO89SO)

4. Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi,Modimo ya hodimo a le lebale,sedi le se hlole le le tjhabela hape.

5. Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana,leru le aparele tsatsi leo,fifi le fifatse sedi la lona.

6. Bosiu boo bona bo fifalle ruri,bo se balellwe le matsatsi a selemo,bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.

7. Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea,le mehoo ya thabo e se utlwahale.

8. Barohaki ba matsatsiba ke ba bo rohake,bona ba tsebangle ho tshwenya kganyapa.

9. Naledi di se ke tsa phatsima,bo batle lesedi, bo se le fumane,bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba,

10. hobane ha bo a kaba kwala mme popelo,ha bo a kaba nthibela ho bona maswabi.”

11. “Ke hobanengke sa shwelang popelong?Ke hobanengke sa shwang ha ke tswalwa?

12. Ke hobaneng nkileng ka sikwa?Ke hobaneng ke antseng matswele?

13. Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse,ke ithobaletse,ke phomotse ka kgotso,

14. ke phomotse le dikgosile matona a kwano,bao mehaho ya bona e leng mabitla,

15. le mahosana a kgabang ka kgauta,ao matlo a wona a tletseng silefera;

16. ke epetswe jwaloka sefolotsana,jwaloka lesea le eso bone lesedi.

17. Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa,ba kgaotsa ho ferekanya,ba kgathetseng,teng ba fumana phomolo.

18. Ba thopilwengle bona ba phela ka kgotsoha ba sa utlwamokataki a kgarumaka.

19. Ba hlomphehang le ba eisehangba a lekana,kgoba le holotswekgobeng ba monga lona.”

Jobo 3