1. Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona.
2. A bua, a re:
3. “Tsatsi la tswalo ya kale ke le timele,le bosiu boo ka bonaho neng ho thwe:<Ho emotswe ngwana moshanyana!>
4. Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi,Modimo ya hodimo a le lebale,sedi le se hlole le le tjhabela hape.
5. Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana,leru le aparele tsatsi leo,fifi le fifatse sedi la lona.
6. Bosiu boo bona bo fifalle ruri,bo se balellwe le matsatsi a selemo,bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.
7. Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea,le mehoo ya thabo e se utlwahale.