Jobo 3:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona.

2. A bua, a re:

3. “Tsatsi la tswalo ya kale ke le timele,le bosiu boo ka bonaho neng ho thwe:<Ho emotswe ngwana moshanyana!>

4. Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi,Modimo ya hodimo a le lebale,sedi le se hlole le le tjhabela hape.

5. Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana,leru le aparele tsatsi leo,fifi le fifatse sedi la lona.

6. Bosiu boo bona bo fifalle ruri,bo se balellwe le matsatsi a selemo,bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.

7. Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea,le mehoo ya thabo e se utlwahale.

8. Barohaki ba matsatsiba ke ba bo rohake,bona ba tsebangle ho tshwenya kganyapa.

9. Naledi di se ke tsa phatsima,bo batle lesedi, bo se le fumane,bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba,

10. hobane ha bo a kaba kwala mme popelo,ha bo a kaba nthibela ho bona maswabi.”

11. “Ke hobanengke sa shwelang popelong?Ke hobanengke sa shwang ha ke tswalwa?

12. Ke hobaneng nkileng ka sikwa?Ke hobaneng ke antseng matswele?

Jobo 3