Jobo 28:6-20 BIBELE (SSO89SO)

6. Majwe a lonaa bopeletswe le disafire,a bile a na le mereto ya kgauta.

7. Tsela ya tengha e tsejwe le ke letlaka,esita le phakweha e eso ka e e bona.

8. Batana tsa nahaha di eso tsamaye ho yona,esita le tau ha e eso fete le moo.

9. “Lejwe la moremaphofumotho o a le thuaka,thaba a di fure metheong ya tsona.

10. Hara mafika a phunyake mesele,mahlo a hae a bone tsa bohlokwadi le mefuta.

11. Metsi a rothelang ka merafongo a a thibela,tse patehileng a di bee mmananeng,di bonwe ke bohle.”

12. “Ebe jwale bohlalere ka bo fumane kae?Lehae la kutlwisiso lonale fumanwa kae?

13. Bohlale ha bo fumanwefatsheng la ba phelang,ha ho ya utlwisisangbohlokwa ba bona.

14. Bodiba bo re:<Ka ho nna bohlale ha bo yo!>Lewatle le re:<Le ho nna bohlale ha bo yo!>

15. Ka kgauta e hlwekisitswengbo ke ke ba rekwa,kapa theko ya bona ya methwaka boima ba silefera.

16. Ka kgauta ya Ofirebo ke ke ba rekwa,kapa ka kareneleanele safire ya bohlokwa.

17. Kgauta kapa mahakwea ke ke a lekana le bona,kapa ba ananngwaka mekgabiso ya kgauta.

18. Dikgetla le mahakwetsona ha di sa bolelwa;theko ya bohlalee feta le mabenyane a bohlokwa.

19. Jwe la bohlokwa la Kushele ke ke la lekana le bona,ka kgauta e hlwekisitswengbo ke ke ba rekwa.”

20. “Ebe jwale bohlale bo tswa hokae?Lehae la kutlwisiso lona le hokae?

Jobo 28