Jobo 28:20-28 BIBELE (SSO89SO)

20. “Ebe jwale bohlale bo tswa hokae?Lehae la kutlwisiso lona le hokae?

21. Bo patetswe dibopuwa tsohle,bo patetswe le tsonanonyana tse fofang.

22. Timelo le lefu le tsona di re:<Re utlwa bo-fuufu ha ba bo bolela.>

23. “Ke Modimo feelaya tsebang tsela ya bona,ke yena feelaya tsebang habo bohlale,

24. hoba o bona pheletso tsa lefatshe,o bona tsohle tse tlasa mahodimo.

25. Ha Modimo a nea moyamatla a wona,le mawatle a a sehela moedi;

26. ha a ne a beela pula taelo,lehadima le lona a le betlela tsela,

27. o ila bona bohlale, a bo hlahloba,a bo leka, a bo ananela.

28. “Yaba o re ho motho:<Ho tshaba Morenake bona bohlale;ho furalla bokgopoke yona kutlwisiso.> ”

Jobo 28