Jobo 28:13-22 BIBELE (SSO89SO)

13. Bohlale ha bo fumanwefatsheng la ba phelang,ha ho ya utlwisisangbohlokwa ba bona.

14. Bodiba bo re:<Ka ho nna bohlale ha bo yo!>Lewatle le re:<Le ho nna bohlale ha bo yo!>

15. Ka kgauta e hlwekisitswengbo ke ke ba rekwa,kapa theko ya bona ya methwaka boima ba silefera.

16. Ka kgauta ya Ofirebo ke ke ba rekwa,kapa ka kareneleanele safire ya bohlokwa.

17. Kgauta kapa mahakwea ke ke a lekana le bona,kapa ba ananngwaka mekgabiso ya kgauta.

18. Dikgetla le mahakwetsona ha di sa bolelwa;theko ya bohlalee feta le mabenyane a bohlokwa.

19. Jwe la bohlokwa la Kushele ke ke la lekana le bona,ka kgauta e hlwekisitswengbo ke ke ba rekwa.”

20. “Ebe jwale bohlale bo tswa hokae?Lehae la kutlwisiso lona le hokae?

21. Bo patetswe dibopuwa tsohle,bo patetswe le tsonanonyana tse fofang.

22. Timelo le lefu le tsona di re:<Re utlwa bo-fuufu ha ba bo bolela.>

Jobo 28