1. “Sileferae na le morafo wa yona,kgautae na le setshekelo sa yona;
2. tshepe yona e tjhekwae etswa katlasa lefatshe,lethose le fumanwaka ho qhibidisa moralla.
3. Motho o kenella harempeng ya lefatshe,a yo fihla kgotjheletsaneng tse hole,a etse merafohara lefifi le letsholetsho.
4. O tjheka tjhafohole le leaho la batho,bakeng tseoleoto le eso hate ho tsona;a leketle maraponga le hole le batho,a tsokotsehe, a ye kwana le kwana.
5. Dijo di mela kahodima lefatshe,katlase le fuduuwajwalokaha ho fuduuwa mollo.
6. Majwe a lonaa bopeletswe le disafire,a bile a na le mereto ya kgauta.
7. Tsela ya tengha e tsejwe le ke letlaka,esita le phakweha e eso ka e e bona.
8. Batana tsa nahaha di eso tsamaye ho yona,esita le tau ha e eso fete le moo.
9. “Lejwe la moremaphofumotho o a le thuaka,thaba a di fure metheong ya tsona.