9. Na Modimo a ka mamela,a mamela sello sa hae,ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?
10. Na yena o tla thabelaYa Matla wohle,a ipiletse ho Modimoka nako tsohle?
11. “Ke tla le rutaseo matla Modimo a leng sona;merero ya Ya Matla wohlenke ke be ka e pata.
12. Tsena tsohlele lona ka mahlo le di bone;ke ka baka langha le ntse le bua mafeelafeelane?
13. “Seo Modimoa se abetseng ya kgopo,lefa leo Ya Matla wohlea le abetseng ya sehloho, ke lena:
14. Leha a ka atelwa ke bana,ba tla shwa ka sabole,tloholo tsa haedi ke ke tsa anelwa ke dijo;
15. masalla a haea tla shwa ke lefu la sewa,bahlolohadi ba haeba ke ke ba mo llela.
16. Leha a ka bokella sileferae kaa ka lehlabathe,bongata ba aparo tsa haeba ba kaa ka letsopa,
17. tsa etsa pokella,ya lokileng o tla di apara;ba se nang molatosilefera ba e arolelane.
18. O hahile ntlo e fokolasa bolepo ba sekgo,e tshwana le lephephela motshosi masimong.