Jobo 27:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re:

2. “Ka Modimo ya phelang,ya nkamohileng toka,ka Ya Matla wohle,mohlokofatsi wa moya wa ka;

3. ha feela nnake sa ntsane ke phela,ke ntse ke phefumolohamoya wa Modimo,

4. molomo wa kao ke ke be wa bua bokgopo,leme la kale ke ke be la bolela bohata.

5. Ha nka ke ka dumela hore le nepile,ke tla be ke yo shwake ntse ke itatola.

6. “Ho loka ha kake boshwa-bo-tshwerwe,ha ke ntse ke phelatswalo le ke ke la nkgwebetha.

7. “Dira tsa kadi ke di tshwane le ba kgopo,bantwantshi ba ke ba bejwaloka balotsana.

8. Letshepa la moetsadibe ke lefe,mohla Modimoa mo amohang bophelo?

9. Na Modimo a ka mamela,a mamela sello sa hae,ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?

10. Na yena o tla thabelaYa Matla wohle,a ipiletse ho Modimoka nako tsohle?

11. “Ke tla le rutaseo matla Modimo a leng sona;merero ya Ya Matla wohlenke ke be ka e pata.

12. Tsena tsohlele lona ka mahlo le di bone;ke ka baka langha le ntse le bua mafeelafeelane?

Jobo 27