Jobo 24:9-20 BIBELE (SSO89SO)

9. “Kgutsana e hlothwa letsweleng,tsweleng la mma yona,mofutsana o lefa molatoka lesea la hae.

10. Ba tsamaisa mafutsanaa se na le nketlana,a thotha dihlopha tsa koroa ntsa lapile,

11. a tulelatholwana tsa mohlwaare matlapeng,a etsa ole,a tlhotla veine morarenga ntse a nyorilwe.

12. Medumaelo ya ba shwange utlwahala hara motse,ba tswileng dikotsiba llela hore ba thuswe,empa thapelo tsa bonaModimo ha a di natse.

13. “Ho na le ba bangba hloileng lesedi,ba sa tsebeng tsela tsa lonale ho tsamaya ka tsona.

14. Mmolai o tsoha ha mafube a hlaha,a bolaye mofumanehi,a bolaye le mofutsana;athe bosiu tengo fetoha leshodu hantle.

15. Sehlola se a lebella,se lebella hore shwalane e tshware,se re:<Ha nka ke ka bonwa ke ope,>ebe jwale se ikwahela sefahleho.

16. Bosiu mashodu a thuakanya matlo,motsheare teng ebe a a ipata;lesedi lona ha a kopane le lona.

17. Ho wona wohlefifi le tshwana le motsheare,matshabeho a lefifiho mashodu ke metswalle.

18. “Ba jwalo ba ka mahohodia lwebang hodima metsi,masimo a bona a neilwe thohako,ha ho ya yangrapeng tsa bona tsa morara.

19. Jwalokaha komello le motjhesodi qhibidisa lehlwa,lebitla le lonabaetsadibe le a ba metsa.

20. Popelo e tla ba lebala,diboko di ba nyabele;ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa,bokgopo bo tla felasa fate se robehile.

Jobo 24