15. Sehlola se a lebella,se lebella hore shwalane e tshware,se re:<Ha nka ke ka bonwa ke ope,>ebe jwale se ikwahela sefahleho.
16. Bosiu mashodu a thuakanya matlo,motsheare teng ebe a a ipata;lesedi lona ha a kopane le lona.
17. Ho wona wohlefifi le tshwana le motsheare,matshabeho a lefifiho mashodu ke metswalle.
18. “Ba jwalo ba ka mahohodia lwebang hodima metsi,masimo a bona a neilwe thohako,ha ho ya yangrapeng tsa bona tsa morara.
19. Jwalokaha komello le motjhesodi qhibidisa lehlwa,lebitla le lonabaetsadibe le a ba metsa.
20. Popelo e tla ba lebala,diboko di ba nyabele;ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa,bokgopo bo tla felasa fate se robehile.
21. Mosadi wa nyopa ba a mo sotla,mohlolohadi yenaba mo hlokele mohau.
22. Ka matla a haeModimo o lelefatsa bophelo,o lelefatsa bophelo ba bo-ramonatla,ba ka tsitsa,tshepa la ho phela lona ha le yo.
23. O a ba sireletsa,ba be ba rue letshepa,athe metsamao ya bonayona o e disitse.
24. Ba tuma ka nakwana,ba be ba nyamele,ba theolwe dikalaneng,ba timetswe jwaloka bohle,ba shwe sa diako tsa koroha di kgaolwa.
25. “Haeba ho se jwalo,nka shanofatswa ke mang?Ke mang ya ka rengpolelo tsa ka ke tsa bosawana?”