1. “Na Ya Matla wohletsatsi la kahlolo ha a le tsebe?Ba mo sebeletsangnako ya lona ba a e tseba?
2. “Ba kgopo ba suthisamekolokotwane ya meedi,ba utswe mehlape,ba be ba e katle.
3. Tonki ya kgutsanaba e kgothela pele,pholo ya mohlolohadiba e nkele peeletso.
4. Ba thesela bafumanehihore ba suthe tseleng,mafutsana wohlea phela ka ho ipata.
5. “Jwaloka tonki e hlaha, lehwatateng,mafutsana a tsohella mosebetsing,ho ya sela,lefeella ke lonale fepang bana ba wona.
6. A kotula dijo masimong a ba kgopo.A kgwahlapise morararapeng tsa ba kgopo.
7. A robala a le feelake ho hloka kaparo,rame se fella hodima wonake ho hlobola.
8. Mafutsana a kolobiswake medupe ya thaba,a be a maname mafikengke ho hloka lephephe.
9. “Kgutsana e hlothwa letsweleng,tsweleng la mma yona,mofutsana o lefa molatoka lesea la hae.
10. Ba tsamaisa mafutsanaa se na le nketlana,a thotha dihlopha tsa koroa ntsa lapile,
11. a tulelatholwana tsa mohlwaare matlapeng,a etsa ole,a tlhotla veine morarenga ntse a nyorilwe.
12. Medumaelo ya ba shwange utlwahala hara motse,ba tswileng dikotsiba llela hore ba thuswe,empa thapelo tsa bonaModimo ha a di natse.