Jobo 23:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Jobo o a araba, o re:

2. “Le kajeno sello sa kase sa le bohloko;le hoja ke bile ke fehelwa hakaalo,tsoho la Modimole ntse le nkimetse.

3. Hoja ke a tsebahore na nka mo fumana kae,ke ne ke tla emakapela setulo sa hae,

4. nyewe ya ka ke e rale kapela hae,ka ho tlalake lokodise mabaka a ka.

5. Ke ne ke tla utlwa ha a nkaraba,ke utlwisisepolelo tsa hae ho nna.

6. Na Modimo a ka ntshobokellaka bonatla ba hae?Le ho ka!a ka sekeha tsebe, a mmamela!

7. Ya lokilenga ka arabisana le yena moo;ho Moahlodi wa kake lokollelwe ruri.

8. “Ha ke eya botjhabelaha ke mo fumane,ha ke eya bophirimale teng ha ke mo fumane,

9. ha a le leboyaha ke mmone,ha a sebetsa borwale teng ha ke mmone.

10. Empa Modimo o tsebametsamao ya ka;ha a nteka ke tla tswake hlwekile seka kgauta.

11. Mehato ya kae hodima mehato ya hae,ke tsamaile tseleng ya hae,ha ke a e kgeloha.

Jobo 23