5. Bokgopo ba hao bo boholo haholo,dibe tsa hao di hloka moedi!
6. O nkile peeletso ho ngwanenoa se na molato,ba hlobotseng bonawa ba hlokisa le nketlana.
7. Ba nyorilwengha o a ka ba nyorolla ka metsi,ba lapilengha o a ka ba ngwathela letho,
8. le hoja o no le matla,fatshe o le ruile,batho ba o tlotla,o phela ho lona.
9. Bahlolohadi ba tlohile ho wenaba itlhophere,ha e le kgutsana tsonawa di robokela.
10. Ke kahoo marabaa o potapotileng kahohle,tshabo e tsometsange o hlokisang boiketlo,
11. fifi le o aparetseng,o sitwang ho bona,phororo tsa metsidi phuthumanang hodima hao.
12. “Modimo ya mahodimonga hodimodimo,o tadimela dinaledi tlase,o di tadimela tlasele hoja di le hodimo!
13. Empa wena o re:<Modimo o tseba eng?A ka ahlola jwanghara fifi le lekaalokaalo?
14. O hara lesira la maru,a ke ke a tseba ho bona,ha a ntsa ralotsahopong la lehodimo.>
15. “Na o tla hanella tseleng ya kgale,tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?
16. Ba tlositswenako ya bona e eso fihle,metheo ya bonaya hoholwa ke dikgohola;