Jobo 22:1-18 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:

2. “Na mothoa ka etsetsa Modimo tse molemo,jwalokaha mohlalefia iketsetsa tse molemo?

3. Na ke thabo ho Ya Matla wohlehaeba o lokile?Kapa o a mo entshaha tsela tsa hao di hloka kodi?

4. “Na o tla o kgalemellaho mo tshaba ha hao,ka baka la hona a o etsetse qoso?

5. Bokgopo ba hao bo boholo haholo,dibe tsa hao di hloka moedi!

6. O nkile peeletso ho ngwanenoa se na molato,ba hlobotseng bonawa ba hlokisa le nketlana.

7. Ba nyorilwengha o a ka ba nyorolla ka metsi,ba lapilengha o a ka ba ngwathela letho,

8. le hoja o no le matla,fatshe o le ruile,batho ba o tlotla,o phela ho lona.

9. Bahlolohadi ba tlohile ho wenaba itlhophere,ha e le kgutsana tsonawa di robokela.

10. Ke kahoo marabaa o potapotileng kahohle,tshabo e tsometsange o hlokisang boiketlo,

11. fifi le o aparetseng,o sitwang ho bona,phororo tsa metsidi phuthumanang hodima hao.

12. “Modimo ya mahodimonga hodimodimo,o tadimela dinaledi tlase,o di tadimela tlasele hoja di le hodimo!

13. Empa wena o re:<Modimo o tseba eng?A ka ahlola jwanghara fifi le lekaalokaalo?

14. O hara lesira la maru,a ke ke a tseba ho bona,ha a ntsa ralotsahopong la lehodimo.>

15. “Na o tla hanella tseleng ya kgale,tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?

16. Ba tlositswenako ya bona e eso fihle,metheo ya bonaya hoholwa ke dikgohola;

17. bona ba itseng ho Modimo:<Re hlokomolohe!Ya Matla wohle a ka re etsang?>

18. Empa ke ka yenamatlo a bona a tletseng menono,kahoo nna ke hole le keletsotsa ba kgopo.

Jobo 22