Jobo 20:9-27 BIBELE (SSO89SO)

9. Leihlo le mo itseng hedi!le ke se mmone hape;le tulo tsa haedi ke ke tsa hlola di sa mmona.

10. Bara ba haeba qekisa ho ratwa ke mafutsana,ba buseletsa mafutsana qhoqhaya ntata bona.

11. Bokwakwariri ba botjhabo tletse masapo a hae,ha a kgutlela lerolengbo tla lala le yena teng.

12. “Le hoja bokgopobo mo natefela lehano,a bile a bo pata tlasa leleme la hae;

13. a sa ikutlweho ka kgaohana le bona,a bo moma,a bo boloka ka hanong la hae;

14. dijo tseo di a hlasaha di fihla ka mohodung,di iphetole mahloko a bo-marabe.

15. Menono o a e metsa,o bile o a e hlatsa,Modimo o a mo hlatsisa,o kgofa mohodu wa hae.

16. O tla mokonyetsa bohlokoba bo-marabe,dikwetsepe tsa qowane tsonadi mmolaye.

17. Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona,le phororo tse phallangtsa dinotshi le tsa lebese.

18. Tsa matsoho a haeo di busetsa a so di latswe,tse tswalwang ke kgwebole tsona ha di mo thabise.

19. O tubile mafutsana,a a siya a itlhophere,a ikgapela matloe se a matsoho a hae.

20. “Ha a na ho fuwa tsweyake takatso tsa hae,a ke ke a ipholosale ka maruo a hae.

21. Meharo ya hae ha e a siya le pala,boiketlo ba hae ke ba nakwana;

22. o tla tsielehaa ntsa hafa ka nkatana,mafutsana a wele ka sekgahla,a wele hodima hae.

23. Etlare hoja a kgotshesa mpana-phatloha,kgalefo ya Modimoe mo tlokomele malakabe,thala la metsule mo lethehele hodimo.

24. Leha a ka ba a phonyohalerumo la tshepe,seqha sa lethose sona se tla mo fula,

25. motsu wa sonao yo phunyeletsa mokokotlo,ntlha ya wona e phatsimange qhale nyooko,matshabeho a lefua mo aparele kahohle.

26. Fifi la bo-nka-ntjana le mo laletse,o tla timetswa ke molloo se na sebutswelo,ba setseng lapeng la haeba tamukane.

27. Mahodimo a tla talolabokgopo ba hae,lefatshe le eme ka maotoho mo qosa.

Jobo 20