Jobo 20:7-21 BIBELE (SSO89SO)

7. o tla timella rurijwaloka thete la hae,ba mmoneng ba re:<Ekaba o nyametse kae?>

8. O tla fela sa toro,a se hlole a fumanwa;jwaloka pono ya bosiu a nyamele.

9. Leihlo le mo itseng hedi!le ke se mmone hape;le tulo tsa haedi ke ke tsa hlola di sa mmona.

10. Bara ba haeba qekisa ho ratwa ke mafutsana,ba buseletsa mafutsana qhoqhaya ntata bona.

11. Bokwakwariri ba botjhabo tletse masapo a hae,ha a kgutlela lerolengbo tla lala le yena teng.

12. “Le hoja bokgopobo mo natefela lehano,a bile a bo pata tlasa leleme la hae;

13. a sa ikutlweho ka kgaohana le bona,a bo moma,a bo boloka ka hanong la hae;

14. dijo tseo di a hlasaha di fihla ka mohodung,di iphetole mahloko a bo-marabe.

15. Menono o a e metsa,o bile o a e hlatsa,Modimo o a mo hlatsisa,o kgofa mohodu wa hae.

16. O tla mokonyetsa bohlokoba bo-marabe,dikwetsepe tsa qowane tsonadi mmolaye.

17. Dinoka a ke ke a hlola a sa di bona,le phororo tse phallangtsa dinotshi le tsa lebese.

18. Tsa matsoho a haeo di busetsa a so di latswe,tse tswalwang ke kgwebole tsona ha di mo thabise.

19. O tubile mafutsana,a a siya a itlhophere,a ikgapela matloe se a matsoho a hae.

20. “Ha a na ho fuwa tsweyake takatso tsa hae,a ke ke a ipholosale ka maruo a hae.

21. Meharo ya hae ha e a siya le pala,boiketlo ba hae ke ba nakwana;

Jobo 20