4. “Ha ke re o a tseba,ho tloha boholoholo,ho tloha ha lefatsheng monaho bewa motho:
5. Modidietsane wa ba kgopoo sekgwahla, mokoka ha o yo,thabo ya baetsadibeke ya motsotswana feela?
6. Leha boikgantsho ba haebo ka fihla mahodimong,hlooho ya haeya ithwesa tlokola ya maru,
7. o tla timella rurijwaloka thete la hae,ba mmoneng ba re:<Ekaba o nyametse kae?>
8. O tla fela sa toro,a se hlole a fumanwa;jwaloka pono ya bosiu a nyamele.
9. Leihlo le mo itseng hedi!le ke se mmone hape;le tulo tsa haedi ke ke tsa hlola di sa mmona.
10. Bara ba haeba qekisa ho ratwa ke mafutsana,ba buseletsa mafutsana qhoqhaya ntata bona.
11. Bokwakwariri ba botjhabo tletse masapo a hae,ha a kgutlela lerolengbo tla lala le yena teng.
12. “Le hoja bokgopobo mo natefela lehano,a bile a bo pata tlasa leleme la hae;
13. a sa ikutlweho ka kgaohana le bona,a bo moma,a bo boloka ka hanong la hae;
14. dijo tseo di a hlasaha di fihla ka mohodung,di iphetole mahloko a bo-marabe.
15. Menono o a e metsa,o bile o a e hlatsa,Modimo o a mo hlatsisa,o kgofa mohodu wa hae.