Jobo 2:8-13 BIBELE (SSO89SO)

8. Jobo a nka lengetana, a ya dula thotobolong, a ikgwabitla ka lona.

9. Jwale mohatsa hae a re ho yena: “Na o sa ntsane o tiiseditse ho tshepahaleng hoo ha hao? Rohaka Modimo, o tswe o eshwa!”

10. Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?”Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.

11. Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa.

12. Ha ba mmona ba sa le thokwana, ba batla ba sa mo tsebe. Ba lla sa mmokotsane, ba hahola diaparo tsa bona, ba kgopholela lerole hodimo, ba le tshela hodima dihlooho tsa bona.

13. Ka matsatsi a supileng le masiu a supileng, ba dula le yena thotobolong moo, ho se ya mmuisang, hobane ba ne ba bona hore o opelwa haholo.

Jobo 2