Jobo 2:1-11 BIBELE (SSO89SO)

1. Ka letsatsi le leng hape mangeloi a Modimo a tla kapele ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona kapele ho Morena.

2. Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?”Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”

3. Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe. Le hoja o ile wa nkgothaletsa hore ke mo senyetse ntle ho lebaka, o ntse a tshepahala haholo.”

4. Satane a araba Morena, a re: “Letlalo ke thebe ya pelo! Motho a ka tela tsohle tseo a nang le tsona, hore a ipholose.

5. Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa ama masapo a hae le nama ya hae, o tla o rohaka sefahlamahlo!”

6. Morena a re ho Satane: “Ho lokile, o matsohong a hao, feela o baballe bophelo ba hae.”

7. Yaba Satane o tloha kapele ho Modimo, o etsa hore Jobo a berehe diso ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla kahodima hlooho.

8. Jobo a nka lengetana, a ya dula thotobolong, a ikgwabitla ka lona.

9. Jwale mohatsa hae a re ho yena: “Na o sa ntsane o tiiseditse ho tshepahaleng hoo ha hao? Rohaka Modimo, o tswe o eshwa!”

10. Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?”Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.

11. Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa.

Jobo 2