7. Ha ke howa, ke re: <Bosoro!>ha ke arabelwe!Ke howa haholo,empa toka ha e eo!
8. “O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta;tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.
9. O nkamohile boitlhompho ba ka,o nthodisitse le mofapahlooho,
10. o ntlepola kahohle,mme ke a ikela,tshepo ka yao e fothotse seka sefate.
11. Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae,yena o ntadima ke le sera sa hae;
12. ke futuhetswe ke mabotho a hae,a hlomme diaheloho potapota lapa la ka.
13. “Modimo o entse hore bana besoba nkwekwetle,metswalle le yonae mphuralle ho qeta.
14. Bahaeso le bona ba se ba ntahlile,balekane ba ka ba se ba ntebetse.