Jobo 19:14-23 BIBELE (SSO89SO)

14. Bahaeso le bona ba se ba ntahlile,balekane ba ka ba se ba ntebetse.

15. Ho baeti le makgabunyanea lapa la ka,ke tadingwa ke le moeti,ke le molata.

16. Ha ke bitsa mohlanka wa kaha a arabele,esita leha ke ipiletsa ho yena.

17. Mohatsa kao nkgelwa ke moya wa ka,bana beso le bona ba a nnyonya;

18. diratha le tsona di a nnyedisa,ha ke hlaha eba di a ntlaka.

19. Ba ntshanang se inong le nnaba a nnyonya,ke furaletswele ke baratuwa ba ka.

20. Ke moote, ke manne,o ka mpala dikgopo,ke phonyohile feelaka la mohaswa lesoba.

21. “Nkgauheleng! Nkgauheleng!lona metswalle ya ka!ke otlilwe ke Modimoka tsoho la hae!

22. Le ntlhorisetsangjwalokaha Modimo a ntlhorisa?Ha le kgotsofaleha ke hlepholeha dinama?

23. “Polelo tsena tsa kaeka di ka be di ngolwa,eka di ka be di ngolwa,di etswa buka,

Jobo 19