Jobo 19:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. Jobo a boela a araba, a re:

2. “Ebe le tla nlhokofatsahalelele hakae,le ntshithabetse ka dipoleloho fihlela neng?

3. Ke ka makgetlokgetlole nnyahanya,le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola;

4. haeba ke nnete, ke entse phoso,phoso eo ke ya ka,ha e le ame ka letho.

5. Haeba le iphahamisetsakahodimo ho nna, le nqosaka baka la tlokotsi ena ya ka;

6. jwale tsebang: Modimo ke yenaya nkentseng hampe,o ntanteletse ka letlowa la hae.

7. Ha ke howa, ke re: <Bosoro!>ha ke arabelwe!Ke howa haholo,empa toka ha e eo!

8. “O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta;tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.

9. O nkamohile boitlhompho ba ka,o nthodisitse le mofapahlooho,

10. o ntlepola kahohle,mme ke a ikela,tshepo ka yao e fothotse seka sefate.

11. Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae,yena o ntadima ke le sera sa hae;

12. ke futuhetswe ke mabotho a hae,a hlomme diaheloho potapota lapa la ka.

Jobo 19