Jobo 16:1-8 BIBELE (SSO89SO)

1. Yaba Jobo o a araba, o re:

2. “Tse kang tsenake di utlwile hangata;lona bohle le batshedisiba tenang motho!

3. Na o sa tla kgaotsaho shwahla mafeela?Sesosa sa nganga ya hao ke sefe?

4. Hoja boemo ba ka e ne le ba lona,ke ne nka nna ka bua jwaloka lona,ka puo tse ngata ka le tlameletsa,ka ba ka thukuthelahlooho ya ka ho lona.

5. Empa polelo tsa kadi ne di tla le kgothatsa,ho bebenya melomo ha kaho le bebolele tlokotsi.

6. “Leha nka bua,bohloko ba ka ha bo kokobele;leha ke kgutsitse,bona ha bo ntlohele.

7. Oho, Modimo, o fela o ntshotlile,lapa la ka lohlele timeditswe ke wena;

8. o ile wa ntlhasinya,mme o sera sa ka;bokojwane ba kake paki e nqosang ke e shebile.

Jobo 16