Jobo 15:21-35 BIBELE (SSO89SO)

21. Tsebe tsa hae di tlalamedumo e tshosang,haeka tsohle di ya hantlebatupi ba mo hlasele.

22. O lahlehetswe ke tshepoya ho tswa kahara lefifi,kaekae sabole le yona e mo laletse.

23. O lelera le naha, a batla dijo,a ntse a botsa hore na di kae;o a tseba, tsatsi la timelo ya haele atametse;

24. matshwenyeho le mahlokoa mo kenya letswalo,a mo pupetsasa kgosi e kgatheng la ho futuha,

25. hoba o kokoseditse Modimo letsoho,o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.

26. O mo kgorohelaa sataladitse molala,thebe e shahlilenga e utlile ka mallela.

27. “Le hoja a le fahleho se matlebele,theka la hae le le maphethephethe,

28. o tla phela metseng e le dithako,matlung a seng a setse a le feela,a kgatheng la ho fetoha masupi.

29. Ha a ka ke a hlola a ba a rua,matlotlo a hae wohle a tla timela,fatshe le ke ke la anelwake maruo a hae.

30. A ke ke be a phonyoha lefifing,lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae,kgalefo ya Modimo e mo timetse!

31. A se ithetse ka ho tshepa mafeela,hobane mafeelae tla ba wona moputso wa hae.

32. Pele a eshwa hoo ho tla etsahala,makala a hae a ke ke be a tlokoma.

33. O tla tshwana le morara,o hlohlorang tholwana di sa le tala,jwaloka mohlwaare o hlohlorang,o hlohlorang thunthung tsa wona.

34. “Ba kgopoba ke ke ba ba le ditloholo,mollo o tla tjhesa matloa ba phelang ka tjotjo.

35. Ba emola tlokotsi,ba tswale bokgopo,thetso ke yonangwana popelo ya bona.”

Jobo 15