20. “Ya kgopoo kgwebethwa ke letswalo,le mo kgwebethaka tshiu tsohle tsa hae,mohatelli le yenale a mo kgwebetha,le mo kgwebetheka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.
21. Tsebe tsa hae di tlalamedumo e tshosang,haeka tsohle di ya hantlebatupi ba mo hlasele.
22. O lahlehetswe ke tshepoya ho tswa kahara lefifi,kaekae sabole le yona e mo laletse.
23. O lelera le naha, a batla dijo,a ntse a botsa hore na di kae;o a tseba, tsatsi la timelo ya haele atametse;
24. matshwenyeho le mahlokoa mo kenya letswalo,a mo pupetsasa kgosi e kgatheng la ho futuha,
25. hoba o kokoseditse Modimo letsoho,o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.
26. O mo kgorohelaa sataladitse molala,thebe e shahlilenga e utlile ka mallela.
27. “Le hoja a le fahleho se matlebele,theka la hae le le maphethephethe,
28. o tla phela metseng e le dithako,matlung a seng a setse a le feela,a kgatheng la ho fetoha masupi.
29. Ha a ka ke a hlola a ba a rua,matlotlo a hae wohle a tla timela,fatshe le ke ke la anelwake maruo a hae.
30. A ke ke be a phonyoha lefifing,lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae,kgalefo ya Modimo e mo timetse!
31. A se ithetse ka ho tshepa mafeela,hobane mafeelae tla ba wona moputso wa hae.
32. Pele a eshwa hoo ho tla etsahala,makala a hae a ke ke be a tlokoma.