Jobo 15:13-25 BIBELE (SSO89SO)

13. hoo o hlatsetsangkgalefo ya hao ho Modimo,o buang puo tse tjee,ka molomo wa hao?

14. “Motho ke ntho nngwe,hoo a ka bang le tlhweko?Ya tswetsweng ke mosadiyena a ka loka jwang?

15. Haesita Modimoa sa tshepe mangeloi a hae,mahlong a haele mahodimo a sa hlweka,

16. a ka tshepa motho jwang,a le manyala, a tletse podile,a momorotsa bokgoposa metsi a mophoko?”

17. “Thea tsebe, o mamele,ke o manollele,ke o bolelle tseo ke di bonengka mahlo a ka;

18. tse boletswengke banna ba bahlalefi,ba di bolela ba sa pate letho,ba bolela tseo ba di utlwileng,ho baholoholo ba bona;

19. bona bao naha e nenge abelwe bona feela,ho se molata o jakileng hara bona.

20. “Ya kgopoo kgwebethwa ke letswalo,le mo kgwebethaka tshiu tsohle tsa hae,mohatelli le yenale a mo kgwebetha,le mo kgwebetheka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.

21. Tsebe tsa hae di tlalamedumo e tshosang,haeka tsohle di ya hantlebatupi ba mo hlasele.

22. O lahlehetswe ke tshepoya ho tswa kahara lefifi,kaekae sabole le yona e mo laletse.

23. O lelera le naha, a batla dijo,a ntse a botsa hore na di kae;o a tseba, tsatsi la timelo ya haele atametse;

24. matshwenyeho le mahlokoa mo kenya letswalo,a mo pupetsasa kgosi e kgatheng la ho futuha,

25. hoba o kokoseditse Modimo letsoho,o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.

Jobo 15