13. “Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua,se ntlhahelangse mpe se ntlhahlele.
14. Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile,bophelo ba kake bapala diketo ka bona!
15. Haeba a mpolayake tla nne ke mo tshepe,ke tla buella metsamao ya kathaka di tadimane.
16. Hona e tla ba yona pholoho ya ka:Moetsadibe a ke ke a emakapele ho yena.
17. Mamelang mantswe ana a ka,le a mamele ka hloko,polelo tsena tsa kale di sekehele tsebe.
18. Bonang jwale,nyewe ya ka ke e radile,ke a tsebake tla fumanwa ke se molato.
19. Ke mang ya ka tsekisanang le nna?Ha a le teng ke tla kgutsa,ke itjhwelle.
20. “Oho, Modimo,ako ntumelle ka ntho di le pedi,mme nke ke be ka ipatela wena:
21. Ako tlosetse tsoho la haohole le nna,kgalefo ya haoe se ke ya ntshosa;
22. nkise kgotla ke tle ke o arabe,o ntumelle ke bue,le wena o nkarabe.
23. Ke entse makgopole dibe di le kae?Ako ntsebise tshito tsa kale sebe sa ka.
24. Ke hobanengha o mpatela fahleho sa hao,o ntadima ke se ke le sera sa hao?
25. O tla lelekisana le lehlaku,lehlaku le feferetseha le moya,o lelekisane le mmoko o omeletse?
26. O nqosa ka tse bohloko,o nkotlela makgopo a botjha ba ka.