Jobo 13:1-17 BIBELE (SSO89SO)

1. “Tsena tsohle ke di boneka mahlo a ka,ka tsebe tsa ka ka di utlwa,ka di utlwisisa.

2. Ke tseba tsenajwalokaha le lona le di tseba,etswe le hona ha le mphete ka letho!

3. Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle,ho ipiletsa ho Modimoke ho tjhesehela haholo.

4. Lona le baqapi ba mashanoa se na ditswako,kaofela ha lonale bo-ngakana-kea-hetla.

5. Eka le ka kgutsa ho bua,la kgutsetsa ruri!Hoo e ne tla be e le bohlale,e le bohlale ho lona!

6. Jwale mamelang ha ke ikarabella,le utlwe ha ke ipuellaka molomo wa ka.

7. Na le buella Modimoka ho bua bokgopo?Na le ka mmuellaka ho bua mashano?

8. Ebe le leka ho sekamelaka ho Modimo,kapa le iketsa babuelliba hae nyeweng?

9. Ha a le hoqisa ka dipotsoho tla ba jwang?Le tla mo somajwalokaha le soma motho?

10. Ruri o tla fela a le kgaleme,ha le sebetsa leeme ka lekunutu.

11. Na tlotla ya haeha e tlo le kenya letswalo,kgalefo ya haee tsubellele hodima lona?

12. Maele a lonaa tshwana le molora hantle,boitshireletso ba lonabo tshwana le ba letsopa.

13. “Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua,se ntlhahelangse mpe se ntlhahlele.

14. Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile,bophelo ba kake bapala diketo ka bona!

15. Haeba a mpolayake tla nne ke mo tshepe,ke tla buella metsamao ya kathaka di tadimane.

16. Hona e tla ba yona pholoho ya ka:Moetsadibe a ke ke a emakapele ho yena.

17. Mamelang mantswe ana a ka,le a mamele ka hloko,polelo tsena tsa kale di sekehele tsebe.

Jobo 13