Jobo 12:2-9 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ha ho pelaelo,batho ke lona feela!Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.

3. Le nna ke na le kelello jwaloka lona,etswe le hona ha le mphete ka letho;ke mang ya sa tsebengdintho tsee tsohle?

4. Kajeno ke fetohile sesomoho metswalle,ke fetohile sesomo ke lokile,ke se na kodi,nna ya neng a ipiletsa ho Modimo,a nkarabe.

5. Ba iketlilengba nyedisa bomadimabe,ba re ke pheletsoya ba kgatheng la ho thella.

6. Malapeng a batupiteng ho rena kgotso,ba phephetsang Modimoba phela ka boiketlo,bao matla a bonae leng wona modimo wa bona.

7. “Ako botse diphoofolo,tsona di tla o ruta,nonyana tsa lehodimole tsona di o kaele;

8. o bue le lefatshe le tle le o rupele,le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.

9. Ke efe ho tsona tsohlee hlokang tseboya hore Morena o entse tsohleka letsoho la hae?

Jobo 12