Jobo 12:2-14 BIBELE (SSO89SO)

2. “Ha ho pelaelo,batho ke lona feela!Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.

3. Le nna ke na le kelello jwaloka lona,etswe le hona ha le mphete ka letho;ke mang ya sa tsebengdintho tsee tsohle?

4. Kajeno ke fetohile sesomoho metswalle,ke fetohile sesomo ke lokile,ke se na kodi,nna ya neng a ipiletsa ho Modimo,a nkarabe.

5. Ba iketlilengba nyedisa bomadimabe,ba re ke pheletsoya ba kgatheng la ho thella.

6. Malapeng a batupiteng ho rena kgotso,ba phephetsang Modimoba phela ka boiketlo,bao matla a bonae leng wona modimo wa bona.

7. “Ako botse diphoofolo,tsona di tla o ruta,nonyana tsa lehodimole tsona di o kaele;

8. o bue le lefatshe le tle le o rupele,le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.

9. Ke efe ho tsona tsohlee hlokang tseboya hore Morena o entse tsohleka letsoho la hae?

10. Bophelo ba sebopuwa ka sengbo matsohong a haele meya ya batho bohlee phela ka yena.

11. Ha ke re tsebee mamela ho kgetha mantswe,jwalokaha lelemele kgetha dijo ka ho di latswa?

12. Bohlale ba sebelebo hahetse ho bo-raputswe,ho phela haleleleho fana ka kutlwisiso.

13. “Empa bohlale le matlatsona ke tsa Modimo,ke yena monga kelellole kutlwisiso;

14. moo a heleditsengho ke ke ha tsoswa marako,eo a mo kentseng tjhankanenga ke ke a lopollwa.

Jobo 12