1. Jwale Jobo a araba, a re:
2. “Ha ho pelaelo,batho ke lona feela!Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
3. Le nna ke na le kelello jwaloka lona,etswe le hona ha le mphete ka letho;ke mang ya sa tsebengdintho tsee tsohle?
4. Kajeno ke fetohile sesomoho metswalle,ke fetohile sesomo ke lokile,ke se na kodi,nna ya neng a ipiletsa ho Modimo,a nkarabe.
5. Ba iketlilengba nyedisa bomadimabe,ba re ke pheletsoya ba kgatheng la ho thella.
6. Malapeng a batupiteng ho rena kgotso,ba phephetsang Modimoba phela ka boiketlo,bao matla a bonae leng wona modimo wa bona.
7. “Ako botse diphoofolo,tsona di tla o ruta,nonyana tsa lehodimole tsona di o kaele;
8. o bue le lefatshe le tle le o rupele,le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.