Jobo 10:2-16 BIBELE (SSO89SO)

2. Ke tla re ho Modimo:<Se ke be wa nkahlola;mpolelle tseo o nqosang ka tsona.

3. O bona ho le molemoho nna o nkataka,o nyedisa mmopo wa matsoho a hao,o thabela merero ya ba kgopo?

4. Na o na le mahlo a nama?Na o bona jwalokaha batho ba bona?

5. Na tshiu tsa haodi tshwana le tshiu tsa batho?Na ngwaha tsa haodi tshwana le ngwaha tsa batho?

6. Ha e le moo o tswile boseleho tsoma bokgopo ba ka,o batla, o batlisisa le sebe sa ka?

7. Wena o a tsebaho nna bokgopo ha bo yo,mme ha ho ya ka ntopollangmatsohong a hao.

8. “ <Kahohlehohle ke bopilweke matsoho a hao,empa jwaleke se ke timetswa ke wena!

9. Ako hopole,o mpopile seka letsopa;na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?

10. Na ha o a nqhatsajwalokaha ho qhatswa lebese,wa mphehlajwalokaha leokwana le fehlwa?

11. Wa nkapesaka letlalo le ka dinama,wa ntlamahanyaka masapo le ka mesifa?

12. O nneile bophelo,wa ba wa nnea lerato,wa mpoloka,wa baballa le moya wa ka.

13. “ <Tsena e ne le kunutula pelo ya hao,ke a tseba,tsena e ne le morero wa hao:

14. Ha ke etsa sebeo ntadima ka le ntjhotjho,o ke ke wa ntokolla molatong wa ka.

15. Haeba ke molatobomadimabe ke ba ka!Leha ke se molatonke ke ka tadima motho,ke hlajwa ke dihlongke lweba ka hara tlokotsi.

16. Ha hlooho ya ka e phahamao tla ntsoma jwaloka tau,o ntlhokofatsaka ho nketsetsa dimakatso.

Jobo 10