1. “Bophelo bona ba ka bo ntenne,kahoo ke tla boledisatsa ka dipelaelo,ke bue moya wa ka o tubehile.
2. Ke tla re ho Modimo:<Se ke be wa nkahlola;mpolelle tseo o nqosang ka tsona.
3. O bona ho le molemoho nna o nkataka,o nyedisa mmopo wa matsoho a hao,o thabela merero ya ba kgopo?
4. Na o na le mahlo a nama?Na o bona jwalokaha batho ba bona?
5. Na tshiu tsa haodi tshwana le tshiu tsa batho?Na ngwaha tsa haodi tshwana le ngwaha tsa batho?
6. Ha e le moo o tswile boseleho tsoma bokgopo ba ka,o batla, o batlisisa le sebe sa ka?
7. Wena o a tsebaho nna bokgopo ha bo yo,mme ha ho ya ka ntopollangmatsohong a hao.