Jobo 10:1-12 BIBELE (SSO89SO)

1. “Bophelo bona ba ka bo ntenne,kahoo ke tla boledisatsa ka dipelaelo,ke bue moya wa ka o tubehile.

2. Ke tla re ho Modimo:<Se ke be wa nkahlola;mpolelle tseo o nqosang ka tsona.

3. O bona ho le molemoho nna o nkataka,o nyedisa mmopo wa matsoho a hao,o thabela merero ya ba kgopo?

4. Na o na le mahlo a nama?Na o bona jwalokaha batho ba bona?

5. Na tshiu tsa haodi tshwana le tshiu tsa batho?Na ngwaha tsa haodi tshwana le ngwaha tsa batho?

6. Ha e le moo o tswile boseleho tsoma bokgopo ba ka,o batla, o batlisisa le sebe sa ka?

7. Wena o a tsebaho nna bokgopo ha bo yo,mme ha ho ya ka ntopollangmatsohong a hao.

8. “ <Kahohlehohle ke bopilweke matsoho a hao,empa jwaleke se ke timetswa ke wena!

9. Ako hopole,o mpopile seka letsopa;na o tla nkgutlisetsa leroleng hape?

10. Na ha o a nqhatsajwalokaha ho qhatswa lebese,wa mphehlajwalokaha leokwana le fehlwa?

11. Wa nkapesaka letlalo le ka dinama,wa ntlamahanyaka masapo le ka mesifa?

12. O nneile bophelo,wa ba wa nnea lerato,wa mpoloka,wa baballa le moya wa ka.

Jobo 10