Jobo 1:3-16 BIBELE (SSO89SO)

3. O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.

4. Bara ba hae ba ne ba ye ba etse mekete malapeng a bona ka ho latelana, e mong le e mong ka letsatsi leo a ikgethetseng lona, mme ba meme dikgaitsedi tsa bona tse tharo ho tla ja, le ho nwa le bona.

5. Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.

6. Ka letsatsi le leng mangeloi a Modimo a tla ho Morena, mme Satane le yena a tla le wona.

7. Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?”Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”

8. Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”

9. Satane a araba Morena, a re: “O re ke feela Jobo a tshabang Modimo?

10. Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae!

11. Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”

12. Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.”Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.

13. Ka letsatsi le leng bara ba Jobo le baradi ba hae ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona ba eja, ba enwa.

14. Leqosa la fihla ho Jobo, la re: “Dipholo tsa hao di ne di ntse di lema, ditonki di ntse di fula pela tsona.

15. Ke ha Basheba ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya bahlanka bohle ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

16. Yare leqosa leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Letolo le ile la theoha lehodimong, la tjhesa dikgutshwane, le bahlanka ba hao, ha re lore! Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

Jobo 1