Jobo 1:11-17 BIBELE (SSO89SO)

11. Empa hona jwale, ha o ka mo ama ka letsoho la hao, wa mo hlakola tsohle tseo a di ruileng, o tla o rohaka sefahlamahlo!”

12. Morena a re ho Satane: “Ho lokile; tsohle tseo a di ruileng di matsohong a hao; feela yena o se ke wa mo ama ka letsoho la hao.”Yaba Satane o tloha kapele ho Morena.

13. Ka letsatsi le leng bara ba Jobo le baradi ba hae ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona ba eja, ba enwa.

14. Leqosa la fihla ho Jobo, la re: “Dipholo tsa hao di ne di ntse di lema, ditonki di ntse di fula pela tsona.

15. Ke ha Basheba ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya bahlanka bohle ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

16. Yare leqosa leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Letolo le ile la theoha lehodimong, la tjhesa dikgutshwane, le bahlanka ba hao, ha re lore! Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

17. Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Bakalatiya ba ile ba fihla ka mabothwana a bona a mararo, a hlaselang, ba futuhela dikamele, ba di hapa; ba bolaya le bahlanka ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

Jobo 1