3. “Maleme a sonaa kobehile sa seqha,leshano ke metsueo se fulang ka yona;hase nnetee se neang matla lefatsheng.Bokgopo se bo etsaka ho bo hlahlamanya,athe nna ha se ntsebele ho ntseba,”ho rialo Morena.
4. “Motho ka monga hlokomele motswalle wa hae,ngwaneno le yenao se ke wa mo tshepa,hoba ngwanabo motho ka mongke mokgohlisi,motswalle ka mongke moetseletsi.
5. Motho ka mongo thetsana le motswalle,ha ho le ya mong ya buang nnete.Batho ba tlwaeditse maleme a bonaho bua leshano,ba ipakela mokgathalaka ho etsa sebe.
6. O phela hara bathoba buang leshano,shano la bonale etsa hore ba se ntsebe,”ho rialo Morena.
7. Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena:“Ke tla ba hlwekisake be ke ba tsheke,hoba tjhaba sa kanka se tlohela jwang?
8. Maleme a sonaa ka metsu e mahloko,kamehla ha se bua, se bua leshano.Ka molomo, motho o bua hamonate,o bua ho motswalle,ka pelongo ntsa mo lokisetsa maraba.
9. Na ha ke a tshwanelaho ba otlela ketso tsee?”ho rialo Morena.“Na ha ke a tshwanelaho iphetetsa ka tjhaba se tjee?”
10. “Ke tla llela dithaba,ke di hlomohele,makgulo a lehwatatake a binele kodi-ya-malla,ke a binele hobane a omeletsehoo ho wonaho seng le mofeta-ka-tsela.Motho ha a ka ke a utlwakgomo e bohla,nonyana tsa lehodimo di balehile,phoofolo tsa nahale tsona di itahlile!
11. “Ke tla fetola Jerusalemae be masupi,ke e fetolee be selao sa diphokojwe,metse ya Juda ke e fetole nanaola,ho se be ya ka phelang ho yona.