17. Jwale Morena wa mabotho o re:“A le ke le nahane se etsahalang!Bitsang basadiba llang sa mmokotsane,le bitse kgeleketsa kodi-ya-malla di tle.
18. Basadi bao ba potlake ba re llele,keledi di keleketlemarameng a rona,kgapha di phoroseledi etswa ntshing tsa rona.
19. Seboko se utlwahalase etswa Sione:<Bonang kamoore timeditsweng kateng!Dihlong tsa rona ke tse kaakang!Re tlameha ho furalla naha ya rona,matlo a rona a fetohile masupi.> ”
20. “Lona basadiutlwang lentswe la Morena,polelo tsa hae le di sekehele tsebe.Rutang baradi ba lona ho bokolla,le rutane ho bina kodi-ya-malla:
21. Lefu le keneka difesetere tsa matlo,la kena le ka matlunga dikgosi tsa rona,la hleka bana diterateng tsa motse,la hleka le bahlankanamabaleng a motse.
22. “Bolelang hore Morena o bua tjena:Topo tsa banna di tla rapalla fatshe,di ke kgapanee qhalane hara masimo,di ke ditlhakaha di helwa ke mokotudi,di rapalleho se ya ka di phuthang!”
23. Morena o bua tjena:“Mohlalefi a se ithoriseka bohlale ba hae,senatla se se ithoriseka bonatla ba sona,morui a se ithoriseka maruo a hae;
24. empa ya ithorisanga ithorise ka ho re,yena o a nkutlwisisa,o bile o a ntseba;ke nna Morenaya tsebang ho hauhela,ya sebetsang ka tokale ka ho loka lefatsheng,hobane tsena ke tsonatse nthabisang,”ho rialo Morena.
25. “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela:
26. e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”