Jeremia 9:13-21 BIBELE (SSO89SO)

13. Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka.

14. Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.”

15. Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko.

16. Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”

17. Jwale Morena wa mabotho o re:“A le ke le nahane se etsahalang!Bitsang basadiba llang sa mmokotsane,le bitse kgeleketsa kodi-ya-malla di tle.

18. Basadi bao ba potlake ba re llele,keledi di keleketlemarameng a rona,kgapha di phoroseledi etswa ntshing tsa rona.

19. Seboko se utlwahalase etswa Sione:<Bonang kamoore timeditsweng kateng!Dihlong tsa rona ke tse kaakang!Re tlameha ho furalla naha ya rona,matlo a rona a fetohile masupi.> ”

20. “Lona basadiutlwang lentswe la Morena,polelo tsa hae le di sekehele tsebe.Rutang baradi ba lona ho bokolla,le rutane ho bina kodi-ya-malla:

21. Lefu le keneka difesetere tsa matlo,la kena le ka matlunga dikgosi tsa rona,la hleka bana diterateng tsa motse,la hleka le bahlankanamabaleng a motse.

Jeremia 9