Jeremia 9:11-16 BIBELE (SSO89SO)

11. “Ke tla fetola Jerusalemae be masupi,ke e fetolee be selao sa diphokojwe,metse ya Juda ke e fetole nanaola,ho se be ya ka phelang ho yona.

12. “Monna ya bohlale,ya ka utlwisisang tsee ke ofe?Eo Morena a mo rutilengho di hlalosa ke mang?Ke ka baka langha naha e fetohile nanaola,e omeletse sa lehwatatale ke keng la tsamauwa?”

13. Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka.

14. Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.”

15. Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko.

16. Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”

Jeremia 9