Jeremia 8:14-21 BIBELE (SSO89SO)

14. “Re sa duletseng?A re kgobokaneng bohle!A re tshabeleng metsenge haheleditsweng,lefu ha le fihlale re fumane moo!Morena Modimo o re abetse timelo,o tla re nwesa metsia tletseng mahloko,hobane rona re sitetswe Morena.

15. Re ne re lebeletse kgotso,empa ha re a fumana molemo;ra lebella nako ya ho fodiswa,empa ra tlelwa ke ditsietsi.

16. Ho kgorohla ha pere tsa Seraha utlwahala,ha utlwahala ho etswa Dane,naha yohle ya thothomelaha e utlwa ho tsetselaha pere tsa dishoqopa,hoba di tlile ho tla timetsa naha,ho timetsa le tsohletse leng ho yona:Motse le baahi bohle ba wona.”

17. “Ke tla romela dinoha hara lona,ke romele diqowanetseo le ke keng la di upa,mme di tla le loma,”ho rialo Morena.

18. Maswabi a kanka a mamella jwang?Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.

19. Utlwang sello sa tjhaba sa kase naheng e hole:“Na Morena ha a sa le teng Sione?Na Kgosi ya Sioneha e sa le yo moo?”Morena a re:“Ba nkgalefiseditsengka medimo ya bona ya bohata,le ka medimo ya mafeela,medimo ya baditjhaba?”

20. Setjhaba sa re:“Nako ya ho kotula e se fetile,hlabula le lona le se le fedile,empa rona ha re eso pholoswe.”

21. Jwalokaha tjhaba sa hesose nyahame dipelo,le nna pelo ya kae nyahame jwalo.Ke kene kahara bofifi,ke tshwerwe ke tshabo.

Jeremia 8