10. Kahoo basadi ba bonake tla ba nea banna basele,masimo a bonake a nee ba ba hlotseng;ho tloha ho e monyenyaneho isa ho e moholo,bohle ba labalabela qhoqha,baporofeta le bapristaka ho tshwana,kaofela ha bonaba phela ka bolotsana.
11. Maqeba a tjhaba sa ka ba a a oka,ba a oka jwalokaha ekaba oka mengwapo.“Kgotso! Kgotso!”ba rialo ho batho,le hoja ba tsebahore kgotso eo ha e yo.
12. Na ba ke ba be dihlongha ba entse manyala?Le ho ka!Ho hang ho bona dihlong ha di yo!Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe;kahoo ba tla welakahara ba weleng;mohla ke ba otlang ba tla timela,ho rialo Morena.
13. “ <Ruri ke tla ba timetsa,>ho rialo Morena.<Morara ha o ka kewa ba le ditholwana,fate sa feiyese ke ke sa ba le ditholwana,mahlaku a sona le wona a tla pona,tseo ke ba fileng tsonadi tla ba phonyoha!> ”
14. “Re sa duletseng?A re kgobokaneng bohle!A re tshabeleng metsenge haheleditsweng,lefu ha le fihlale re fumane moo!Morena Modimo o re abetse timelo,o tla re nwesa metsia tletseng mahloko,hobane rona re sitetswe Morena.
15. Re ne re lebeletse kgotso,empa ha re a fumana molemo;ra lebella nako ya ho fodiswa,empa ra tlelwa ke ditsietsi.
16. Ho kgorohla ha pere tsa Seraha utlwahala,ha utlwahala ho etswa Dane,naha yohle ya thothomelaha e utlwa ho tsetselaha pere tsa dishoqopa,hoba di tlile ho tla timetsa naha,ho timetsa le tsohletse leng ho yona:Motse le baahi bohle ba wona.”
17. “Ke tla romela dinoha hara lona,ke romele diqowanetseo le ke keng la di upa,mme di tla le loma,”ho rialo Morena.
18. Maswabi a kanka a mamella jwang?Pelo ya ka e nyahame, e tepeletse.
19. Utlwang sello sa tjhaba sa kase naheng e hole:“Na Morena ha a sa le teng Sione?Na Kgosi ya Sioneha e sa le yo moo?”Morena a re:“Ba nkgalefiseditsengka medimo ya bona ya bohata,le ka medimo ya mafeela,medimo ya baditjhaba?”